Mofuta ona wa sengolwa ke o bitswang pale e kgutshwane. Ke pale e etsahalang tikolohong ya lekeisheneng dinakong tsa sejwalejwale. E etsahalla motseng wa Holomisa. Paleng ena e kgutshwane, mophetwa wa sehlooho e leng Mahlomola, o lwantshana le tabahadi eo a sa tsebeng hore na a ka e bolella mmae jwang. Taba ena e iphetotse lejwe la kgopiso bophelong ba hae. E mo kukunela tjena e le hore mmae o theohetse jwalo kaha e le tlwaelo ya bophelong ba makeisheneng. Mahlomola ke moshanyana ya ratwang ke bohle hoo batswadi ba bang ba labalabelang ho ba le bara ba tshwanang le yena. Botle le boitshwaro bona bo mpa bo thunthetswa ke bophelo ba Mahlomola. E, ke rialo hobane Mahlomola ke e mong wa bashanyana ba ratanang le bashayana ba bang. O dikamanong tsa bong bo tshwanang. Taba ena ke moepa o moholo ho Mahlomola hobane o tseba hantle hore ha ho ka moo mmae a tlang ho e amohela. O tseba hantle dipuo tse sehollang, tse hlabang tse buuwang ke mmae ka batho ba dikamanong tsa bong bo tshwanang. Ho feta moo, habo Mahlomola ke Makreste mme sena se bolela hore bophelo ba Mahlomola ke bo swabisang mahlong a Mmopi. Ena ke e meng ya mehopolo e feresakang kelellong ya Mahlomola ha a ntse a emetse mmae hore a tjhaise. Mokhanthufa wa hae o a mo letsetsa, mme sena se phomotsa maikutlo le kelello ya Mahlomola. Moqoqong wa bona, ba etsetsana tshepiso ya ho teana mantsibuya lebaleng la dipapadi kaha ho se sephethephethe ho lona se ka etsang hore ba be ba qetelle ba bonwe ke batho. Ka mora mohala ona, maikutlo a Mahlomola a ferekana le ho feta. O ipotsa dipotso di hana ho fela, tse ding di hloka dikarabo. Ka lebaka la ho hlolwa ke maikutlo le ho sehollwa setjhabeng, Mahlomola o kgetha ho nka bophelo ba hae. Mmae o kgutla mosebetsing a thabile haholo a batla ho arolelana lesedi leo a le filweng ke base wa hae le Mahlomola. E, ka mora puisano ya hae le base, o ithutile hore ha ho na molemo wa ho hloya le ho seholla batho ba dikamanong tsa bong bo tshwanang. O amohelwa ke mmele wa mora wa hae a le mong o leketla marulelong a ntlo ya bona, le sephephetjhana sa lengolo hodima bethe ya mora. Ditaba tsa lengolo lena di rothisa pelo ya hae madi. Leleme la hae le nkile mora wa hae.